Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 34:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade.

Ver Capítulo Copiar




Numere 34:8
12 Referencias Cruzadas  

Thoi, morena wa Hamathe, a utlwa hobane Davida o hlotse makgotla wohle a Hadadesere.


Mohlang oo, Salomone a etsa mokete a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata pela Jehova, Modimo wa rona, ho tloha pela Hamathe ho tlisa molapong wa Egepeta, ka matsatsi a supileng a nang le matsatsi a mang a supileng, e le matsatsi a leshome le metso e mene.


A boela a lata moedi wa Iseraele, ho qala pela Hamathe ho isa lewatleng la Lehwatata, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a boletse ka mohlanka wa hae moporofeta Jonase, mora Amitthai, wa Gathe-Hefere.


Baarvade, Batsemare, le Bahamathe.


Yaba Davida o phutha Baiseraele kaofela, ho tloha Shihore wa Egepeta ho tla fihla pela Hamathe, hore areka ya Modimo e tle e latwe Kiryathe-Jearime.


Ha ke re, Kalno o sentswe jwaloka Karkemishe, le Hamathe jwaloka Arpade, le Samaria jwaloka Damaseka na?


Yaba makgotla a Bakalde a ba phallela, mme ba fihlela Tsedekia mahwatateng a Jeriko; ba mo tshwara, ba mo tlisa ho Nebukadresare, morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe; a ahlolwa teng.


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, o re: Lona ba ntlo ya Iseraele, bonang, ke ya le tsosetsa setjhaba se tla le hlorisa ho tloha Hamathe, ho isa nokeng ya lesabasaba.


Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.


o fete ka Sifrone, mme o felle Hatsar-Enane. Moedi wa lona e tla ba wona ka nqa leboya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos