Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 27:14 - BIBELE

14 hobane ha setjhaba se ne se belaela ka nna, bobedi ba lona le ile la mphetohela ha le le lehwatateng la Sine, la hana ho bonahatsa ho halalela ha ka ka metsi, moo setjhaba se ntseng se bona.” Metsi ana ke metsi a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane le ne le hane taelo ya ka lefeelleng la Tsine, mohla phutheho e hanyetsang, bakeng sa ho ntlotlisa pela batho ka taba ya metsi. Ke wona metsi a Meriba (kganyetso) ya Kadeshe, feelleng la Tsine.

Ver Capítulo Copiar




Numere 27:14
12 Referencias Cruzadas  

Sebaka seo sa rewa lebitso la Masa le Meriba , ka baka la ho ipelaetsa ha bana ba Iseraele, le ka baka la hobane ba ne ba leka Morena, ha ba re: “Na Morena o teng hara rona, kapa tjhe?”


Banna bao ba nyoloha, ba hlwela naha ho tloha lehwatateng la Sine ho ya fihla Rehobe, le ho ya fihla Kgorong ya Hamate.


Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.


“Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba.


Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, wa re tlisa sebakeng se sebe see? Ke sebaka se ke keng sa lengwa, ha se na difeiye, kapa morara, kapa dikgarenate; ebile ha ho na le metsi a ka nowang!”


Moshe a bua ho Morena, a re:


“Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona!


“Le nna Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, a re: ‘Le wena o ke ke wa kena naheng eo.


Nna ke tla shwela naheng ena, nke ke ka tshela Jorodane, empa lona le tla tshela, mme naha e ntle e be ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos