Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 27:13 - BIBELE

13 Kamora hoba o e bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwaloka moholwane wa hao Arone,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Etlare ha o le bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwalokaha ngwaneno Aarone le yena a orositswe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 27:13
11 Referencias Cruzadas  

Dilemo tsa bophelo ba Ishemaele e bile lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. A neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena.


Aborahama a neela moya, a shwa, mme a orohela ho bang ka yena, hoba a phele halalele ka boiketlo, a hodile, a atetswe ke ditshiu.


“Phetetsa bana ba Iseraele ho Bamidiane; kamorao ho moo o tla orosetswa setjhabeng sa heno.”


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, hoba bana ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta, moprista Arone a nyolohela thabeng ya Hore ka taelo ya Morena, mme a shwella moo.


“Le nna Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, a re: ‘Le wena o ke ke wa kena naheng eo.


Bana ba Iseraele ba tsamaya, ba tloha Beerote-Bene-Jakane, ba leba Mosera, moo Arone a ileng a shwela teng, a ba a epelwa hona teng. Mora wa hae Eleasare ya eba moprista sebakeng sa ntatae.


Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.” Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


O tla shwela hodima thaba eo, eo o tla nyolohela hodima yona, mme o orosetswe setjhabeng sa heno, jwalokaha Arone, moholwane wa hao, a ile a shwela thabeng ya Hore, le yena a orosetswa setjhabeng sa habo.


Nna ke tla shwela naheng ena, nke ke ka tshela Jorodane, empa lona le tla tshela, mme naha e ntle e be ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos