Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 13:20 - BIBELE

20 Le shebe le hore na naha eo e jwang; na e nonne kapa ke letswatlare, le hore na patsi e teng kapa tjhe. Le be sebete, le re tlele le ditholwana tsa naha eo.” E ne e le nako ya dilopotsiya tsa morara.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 le mobu ke o jwang, kapa ke o nonneng, kapa ke o otileng; kapa difate di teng, kapa ha di yo. Ipheng matla, mme le nke ditholwana tse ding tsa naha eo. Mohlang oo, e ne e se e le nako ya dithakangwaha tsa morara.

Ver Capítulo Copiar




Numere 13:20
19 Referencias Cruzadas  

“Jwale he, mora ka, Morena a ke a be le wena, a o atlehise, o tle o tsebe ho hahela Morena Modimo wa hao, Tempele, jwalokaha a itse o tla etsa.


Ba hapa diqhobosheane le naha e manoni, ba hapa le matlo a tletseng mefuta yohle ya thepa; didiba tse tjhekilweng, masimo a morara le a mohlwaare, le fate tsa tholwana tse ke ke be tsa balwa. Ba eja, ba kgora, mme ba atleha, ba atleha, ba phela ka boiketlo, tse molemo tsa hao tsa ba thabisa.


Leha ba ne ba buswa ke kgosi tsa bona, ba iketlile, ba eja poqo-ka-hlanaka, naheng e batsi, e manoni, eo o ba fileng yona, ha ka ba o sebeletsa, ha ba a ka ba furalla makgopo a bona.


Ke tla di katla makgulong a matala, di fule maloting a Iseraele. Di tla botha metebong e metle, di fule makgulong a nonneng, dithabeng tsa Iseraele.


O tla tsometsa dinaha tse ruileng, a di futuhele, a etse dintho tseo baholoholo ba hae ba sa kang ba tseba ho di etsa; a arolele balatedi ba hae thepa le maruo ao a a hapileng ntweng. O tla etsa merero ya ho futuhela diqhobosheane, empa nako e tla mo kgaoletsa.


Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang.


Le shebe le hore na naha eo ba ahileng ho yona e ntle kapa e mpe, le hore na metse eo ba ahileng ho yona e jwang; na ke diahelo kapa ke diqhobosheane.


Ba ile ba tsamaya, ba nyolohela naheng e maralla, ba fihla kgohlong ya Eshekole, mme ba e hlwela.


Ba nka tse ding tsa ditholwana tsa naha eo, ba re tlisetsa tsona, mme ba re tsebisa, ba re: ‘Naha eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona, e ntle!’


Morena a laela Joshua, mora wa Nune, a re: “Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla fihlisa bana ba Iseraele naheng eo ke ba hlapanyeditseng yona. Ke tla ba le wena.”


Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?”


“Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Yaba kgosi ya Jeriko e romela molaetsa ho Rahaba, e re: “Ntsha banna ba fihlileng ho wena, ba keneng ka tlung ya hao, hobane ba tlile mona ho tla hlahloba naha yohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos