Joshua 13:5 - BIBELE5 Le naha ya Bagebale le Lebanone yohle, ho ya fihla botjhabela, ho tloha Baale-Gade e mosikong wa thaba ya Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Hape, ke fatshe la Bagible le Lebanone kaofela nqa botjhabatsatsi, ho tloha Baale-Gade tlasa thaba ya Hermone, ho isa haufi le Hamathe. Ver Capítulo |
Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.
Tsena ke dikgosi tsa naha eo, tseo Joshua, a ena le bana ba Iseraele, a neng a di bolaye kamose wane ho Jorodane, ka bophirimela, ho tloha Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, ho ya fihla thabeng ya Halaka, e nyolosetsang Seire. Joshua a abela merabe ya Iseraele naha ena, hore e be ya yona, ho ya ka dikarolo tsa yona.