Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 52:9 - BIBELE

9 Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, naheng ya Hamate, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe, mme a mo ahlola teng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 52:9
15 Referencias Cruzadas  

Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.


Empa Faro Neko a mo kenya tjhankaneng Ribela, naheng ya Hamate, e le hore a se ke a busa Jerusalema. A ntshisa naha eo lekgetho la silefera e boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.


Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng.


Ka baka leo, Morena a romela balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria, ba thopa Manase, ba mo kenya kgwathatha, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


Jwale Solomone a futuhela Hamate-Soba, a e hapa.


Hamorao,’ ho rialo Morena, ‘ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.’


Empa lebotho la Bakalatiya la ba phaladisa, la tshwara Sedekiya phuleng ya Jeriko. La mo tshwara, la mo isa ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a le Ribela, naheng ya Hamate, moo a ileng a mo ahlolela hona teng.


Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”


Le tla bolawa ka sabole, ke le ahlolele meeding ya naha ya Iseraele, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Ba tla o futuhela ka dibetsa le ka dikariki tsa ntwa, le ka makoloi, le ka lebotho la bahlabani; ba o futuhele ka dithebe le ka dithejana, ba rwetse dikatiba tsa tshepe, ba etswa hohle. Ke tla ba nea matla a ho ahlola, mme ba tla o ahlola ho ya ka dikahlolo tsa bona.


Banna bao ba nyoloha, ba hlwela naha ho tloha lehwatateng la Sine ho ya fihla Rehobe, le ho ya fihla Kgorong ya Hamate.


Moedi o tla theosa ho tloha Shefame ho ya fihla Ribela, ka botjhabela ho Aine; ebe o theosa o ikgohlile ka lebopo le ka botjhabela la letsha la Kinerete.


Le naha ya Bagebale le Lebanone yohle, ho ya fihla botjhabela, ho tloha Baale-Gade e mosikong wa thaba ya Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos