Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 13:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Banna bao ba nyoloha, ba hlwela naha ho tloha lehwatateng la Sine ho ya fihla Rehobe, le ho ya fihla Kgorong ya Hamate.

Ver Capítulo Copiar




Numere 13:21
15 Referencias Cruzadas  

Thoi, morena wa Hamathe, a utlwa hobane Davida o hlotse makgotla wohle a Hadadesere.


Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.


Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe, mme a mo ahlola teng.


ke Hamathe, Berotha, Sibraime, o mahareng a moedi wa Damaseka le moedi wa Hamathe; hape, ke Hatsere-Hatthikone o moeding wa Haurane.


Tshelelang Kalne, le bone; ha le tloha teng, le fetele Hamathe e moholo, le ntoo theohela Gathe wa Bafilesta. Na mebuso eo e metle ho fetisa mebuso ena, kapa a naha ya bona e kgolo ho naha ya lona na,


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya fihla lefeelleng la Tsine ka kgwedi ya pele, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Miriame a shwela teng, mme a epelwa teng.


Hobane le ne le hane taelo ya ka lefeelleng la Tsine, mohla phutheho e hanyetsang, bakeng sa ho ntlotlisa pela batho ka taba ya metsi. Ke wona metsi a Meriba (kganyetso) ya Kadeshe, feelleng la Tsine.


Ba tloha Etsione-Gebere, ba emisa feelleng la Tsine; ke Kadeshe.


ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade,


Yaba ba tloha, ba nyolohela thabeng, ba fihla kgohlong ya Eshkole, mme ba hlwela naha.


kahobane le ntshitetswe hara bana ba Iseraele, metsing a Meriba a Kadeshe, nahathotheng ya Tsine, kamoo le sa kang la ntlotlisa kateng, hara bana ba Iseraele.


Hape, ke fatshe la Bagible le Lebanone kaofela nqa botjhabatsatsi, ho tloha Baale-Gade tlasa thaba ya Hermone, ho isa haufi le Hamathe.


Naha e laoletsweng leloko la bana ba Juda, ka matlo a bona, ke ho ya moeding wa Edomo, lefeelleng la Tsine, nqa borwa; ke yona pheletso ya naha nqa borwa.


Ha ho a ka ha eba motho ya namolelang motse, hobane o ne o le hole le Sidone, hape batho ba teng ba ne ba se na taba le ba bang. Motse oo o ne o le kgohlong e Bethe-Rehobe. Ba boela ba tsosa motse, ba aha teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos