Leha ho le jwalo, oho, Morena Modimo wa ka, ako mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le kopo ya hae, o utlwe sello le thapelo, e leng tseo mohlanka wa hao a o rapelang ka tsona kajeno.
BaFilipi 4:6 - BIBELE Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho. Baasraak Sotho NT Le se ke la itshwenya ka letho; empa nthong tsohle tseo le di hlokang le di tsebise Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la itshwenya ka letho; empa nthong tsohle tseo le di hlokang le di tsebise Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho. |
Leha ho le jwalo, oho, Morena Modimo wa ka, ako mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le kopo ya hae, o utlwe sello le thapelo, e leng tseo mohlanka wa hao a o rapelang ka tsona kajeno.
Ka baka la taba ena, kgosi Hesekiya le moporofeta Esaya, mora wa Amose, ba rapela, mme ba ipiletsa ho Modimo.
Ba etsang diphoso ke tla ba ruta, ke ba rute ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena.
Leleme la hae le ne le le monate, empa bora bo ne bo le teng, bo le teng ka pelong ya hae. Mantswe a hae a ne a thoba hamonate, empa e ne e le disabole tse hlabang.
Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka.
Wena leebana la ka le ipatileng mafarung, le ipatileng methating, tsullung tsa dithaba, ako mpontshe fahleho sa hao, ntswe la hao le lona ke le utlwe, ntswe la hao ho nna le a hohela, hoba fahleho sa hao ho nna se a rateha.
“Yare hoba ke neelane ka lengolo la theko matsohong a Baruke, mora wa Neriya, ka rapela Morena, ka re:
‘Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.’
Bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba araba kgosi, ba re: “Wena Nebukadenesare, ha ho hlokahale hore re ikarabelle tabeng ena.
Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.
Ha ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang, le reng. Ka yona nako eo le tla newa hore na le reng,
Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.
Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.”
Le se ke la ba etsisa, hobane Ntata lona o sa ntsa tseba tseo le di hlokang, le eso mo kope.
Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata,
A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang,
Lona le se ke la batla seo le ka se jang, le seo le ka se nwang, mme le se ke la belaela,
Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala.
Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela?
Ha o bitsitswe o le lekgoba, o se ke wa itshwenya. Empa leha o ka lokoloha bokgobeng, thabela tokoloho eo.
Ha ke lakatse ha le ka tshwenyeha. Ya sa nyalang o hlokomela tsa Morena, hore na a ka kgahlisa Morena jwang.
ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata.
Kamehla lebohang Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.
Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.
Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.
Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.
Pele ho tsohle, ke kgothaletsa hore dikopo, dithapelo, dithapello le diteboho di etsetswe batho bohle,
Athe mohlolohadi ya se nang le moneketsela, ya setseng a nnotsi, o tshepile Modimo feela, o tiisetsa ho mo kopa le ho mo rapela bosiu le motsheare.
Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.
Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae.
Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”