Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:19 - BIBELE

19 Ha ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang, le reng. Ka yona nako eo le tla newa hore na le reng,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa mohla ba le neelang bona, le se ke la belaella mokgwa oo le tla bua ka wona, le seo le tla se bolela; hobane seo le tla se bolela, le tla se newa nakong yona eo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Empa etlare ha ba nehelana ka lona, le se ke la tshwenyeha hore na le tla bua jwang kapa eng, hobane seo le tla se bua le tla se newa ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Empa etlare ha ba nehelana ka lona, le se ke la tshwenyeha hore na le tla bua jwang kapa eng, hobane seo le tla se bua le tla se newa ka yona nako eo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:19
20 Referencias Cruzadas  

Eya he, mme ke tla o thusa ho bua hantle, ke o rute seo o tla se bua.”


O tla bua le yena, o mo rute seo a tla se bua; nna ke tla le thusa hore le bue hantle, mme ke le rute seo le tla se etsa.


Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: ‘Ke sa le ngwana,’ hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona.


Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao.


Le tla hulelwa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene.


“Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?


Ha ho le jwalo, le se ke la itshwenya, la re: ‘Re tla jang? Re tla nwang? Re tla aparang?’


Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.”


“Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,


hobane Moya o Halalelang o tla le ruta ka yona nako eo seo eka kgonang le se bue.”


Empa ba ne ba sitwa ho hlola bohlale le moya oo a neng a bua ka wona.


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


Empa Morena o ile a ba le nna, a mmatlafatsa, hore ke tle ke phatlalatse molaetsa o molemo ka ho tlala, baditjhaba bohle ba tle ba o utlwe. Ka lopollwa tleneng tsa tau.


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos