Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 18:1 - BIBELE

1 Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 A ba bolella le setshwantsho sa hore batho ba lokela ho rapela kamehla, mme ba se ke ba kgathala;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 A ba bolella le setshwantsho sa hore batho ba lokela ho rapela kamehla, mme ba se ke ba kgathala;

Ver Capítulo Copiar




Luka 18:1
26 Referencias Cruzadas  

Ha Morena a tsosa marako a Sione, o tla bonahatsa tlotla ya hae, a e bonahatse ho yona.


Ruri Morena o tla ntswela molemo, a ntswele molemo lefatsheng la ba phelang.


Modimo, o lokelwa ke thoriso, e o lokela o le Sione; dikano di phethelwa wena,


Ke wena Modimo wa ka, nkgauhele, Morena, ke ipiletsa ho wena kamehla.


empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.


Morena le se ke be la mo fa phomolo, ho fihlela a hlomamisa Jerusalema, a etsa hore lefatsheng mona e be Sebabatso!


Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.


“Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang.


Mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, ya kokotang o a bulelwa.


Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”


Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.


Ka baka leo, erekaha re neilwe tshebeletso ena ka mohau, ha re tepelle.


Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.


Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


Le dumediswa ke Epafarase, mohahabo lona, mohlanka wa Kreste Jesu. Kamehla o le rapella ka matla, hore le eme le tiile, le phethehile, le amohetse ka ho tlala thato yohle ya Modimo.


Tiisetsang thapelong ka phadimeho le ka teboho.


Ha a se a nkile nako e telele a ntse a rapela Morena, Eli a nna a tadima molomo wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos