Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:34 - BIBELE

34 Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ka baka leo, le se ke la belaella tsa hosasane; hobane hosasane ho tla ipatlela se sa hona. Letsatsi ka leng le lekanwa ke tsietsi ya lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 Ka moo he, le se ke la belaella tsa hosasane; Letsatsi le lekana bobe ba lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Ka moo he, le se ke la belaella tsa hosasane; Letsatsi le lekana bobe ba lona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:34
20 Referencias Cruzadas  

hoseng ho hong le ho hong e a ntjhafala, botshepehi ba hae bo boholo haholo!


O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;


“Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?


Ke mang ho lona eo, ka ho itshwenya, a ka tsebang ho lelefatsa bophelo ba hae, leha e le ka motsotswana feela?


Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata,


o re fe ka letsatsi le letsatsi bohobe boo re bo hlokang;


“Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,


A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang,


Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.


“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Mekwallo ya hae e be ya tshepe le ya lethose, matla a boqhekung a tshwane le a botjheng ba hae.’


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos