Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -


Mattheu 6 - Baasraak Sotho NT


Mattheu 6

1 Iponeleng, le tle le se ke la etsa ho loka ha lona pela batho, hore le bonwe ke bona; ho seng jwalo, ha le na moputso ho Ntata lona ya mahodimong.

2 Ka baka leo, ha o etsa dithuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha baikaketsi ba etsa masinagogeng le diterateng, ba tle ba tlotliswe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.

3 Empa ha o etsa dithuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la hao le letona le se etsang.

4 Hore dithuso tsa hao di be sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa.

5 Ha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa mebila, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.

6 Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.

7 Empa ha le rapela, le se ke la ipheta-pheta, jwaloka baditjhaba;

8 Ka baka leo, le se ke la ba jwaloka bona; hobane Ntata lona o tseba tseo le di hlokang, le eso ho mo kope.

9 Ka baka leo, le rapele ka mokgwa ona: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le kgethehe.

10 Mmuso wa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.

11 O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng.

12 Mme o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba nang le melato ho rona.

13 O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.

14 Hobane ekare ha le tshwarela batho ditlolo tsa bona, Ntata lona ya mahodimong le yena o tla le tshwarela.

15 Empa ekare ha le sa tshwarele batho ditlolo tsa bona, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela ditlolo tsa lona.

16 Hape, ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho jwaloka baikaketsi; Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.

17 Empa wena, ha o itima dijo, o tlotse hlooho, o itlhatswe sefahleho;

18 e le hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, empa ho Ntatao ya sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa.

19 Le se ke la ipolokela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome di senyang, le moo mashodu a fatang, a utswang.

20 Empa ipolokeleng matlotlo lehodimong, moo tshwele kapa mafome di sa senyeng, le moo mashodu a sa thuheng, mme a sa utswe.

21 Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ya hao e tla ba teng.

22 Lebone la mmele ke leihlo; ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o tla ba le lesedi.

23 Empa ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Ha ho le jwalo, ha lesedi le ho wena e le lefifi, lefifi leo ke le leholo hakakang!

24 Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi: hobane o tla hloya e mong, mme a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo.

25 Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla ja eng, kapa le tla nwa eng; leha e le bakeng sa mmele ya lona, seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fete dijo, le mmele ho feta diaparo na?

26 Bonang dinonyana tsa lehodimo, hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle melikong; leha ho le jwalo Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Na lona ha le di fetise ka letho?

27 Ke ofe ho lona eo ka ho tshwenyeha a ka eketsang bophelo ba hae ka setswe se le seng?

28 Mme ke ka ntlha yang fa lo tlhobaela ka diaparo? Nahanang ka likhahla tsa naha, kamoo li hōlang kateng; ha di sehle, ha di ohe;

29 Empa ke re ho lona: Esita le Solomone kganyeng yohle ya hae o ne a sa kgaba jwaloka e nngwe ya tsona.

30 Ha ho le jwalo, ekare ha Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo lahlelwa seboping, na a ke ke a le apesa haholo, lona ba tumelo e nyenyane?

31 Ka baka leo, le se ke la belaela, la re: Re tla ja’ng? kapa, Re tla noa’ng? kapa: Re tla apara’ng?

32 Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle.

33 Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme ntho tseo tsohle le tla di ekeletswa.

34 Ka moo he, le se ke la belaella tsa hosasane; Letsatsi le lekana bobe ba lona.

Copyright of City Bible Foundation in cooperation with Baasraak Bible Translation from Baasraak Media © 2023.

City Bible Foundation
Síguenos en:



Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos