1 Samuele 1:15 - BIBELE15 Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)15 Empa Anna a fetola, a re: Tjhe, monga ka, ke mosadi ya pelo e bohloko; ha ke a ka ka nwa veine, leha e le seno se bodila, ke mpa ke ntse ke tsholla moya wa ka pela Jehova. Ver Capítulo |
Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle.