Daniele 3:16 - BIBELE16 Bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba araba kgosi, ba re: “Wena Nebukadenesare, ha ho hlokahale hore re ikarabelle tabeng ena. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba araba taba eo, ba re ho morena Nebukadnesare: Ha re a tshwanela ho o arabela letho tabeng ena. Ver Capítulo |
Yaba Nebukadenesare o a bua, o re: “Ho bokwe Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ya ileng a roma lengeloi la hae ho tla pholosa bahlanka ba hae ba mo tshepileng. Ba ile ba nyedisa taelo ya kgosi, ba tela bophelo ba bona, hore ba se ke ba sebeletsa kapa ba kgumamela modimo e mong osele, haese Modimo wa bona feela.