Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:15 - BIBELE

15 Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:15
25 Referencias Cruzadas  

Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya oona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?’ ”


Jwale ako se tshwarele sebe sena sa sona hle! Ho seng jwalo hlakola lebitso la ka bukeng eo o e ngotseng.”


Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!”


O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke Ya Halalelang wa Iseraele!


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


Haeba le sa mpolelle toro ena, ke tla le ahlola ka kahlolo e tshwanang. Le rerile ho nthetsa ka leshano le ka bolotsana, le tshepile hore ha nako e ntse e feta boemo ba ditaba bo tla fetoha. Ka baka lena, mpolelleng toro ena, ke tle ke tsebe hore le ka ntlhalosetsa yona.”


Haeba ho ka ba jwalo, Modimo wa rona eo re mo sebeletsang, o na le matla a ho re pholosa seboping se tukang malakabe, mme o tla re namolela matsohong a hao, wena kgosi.


Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”


Ha e fihla mokoting o moholo wa ditau ya howeletsa Daniele e tshwenyehile, ya re: “Daniele wee! mohlanka wa Modimo ya phelang, na Modimo wa hao eo o mo sebeletsang ka botshepehi o o pholositse ditaung?”


Ha ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang, le reng. Ka yona nako eo le tla newa hore na le reng,


O tshepile Modimo, ha a ke a mo namolele jwale, haeba a mo rata; hobane o itse: ‘Nna ke Mora wa Modimo!’ ”


Ha ba le tshwara, ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya e sa le pele hore na le tla reng, le mpe le bolele seo le se newang ka nako eo, hobane hase lona le tla bua, empa ke Moya o Halalelang.


“Ha ba le hulela pela matlo a thapelo, le pela baahlodi, le babusi, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang kapa eng, kapa le reng,


mohlomong se tla beha ditholwana nakong e tlang, empa ha ho se jwalo, o tla se rema.’ ”


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.


Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho.


Bohle ba neng ba dutse ka kgotla, ba mo tjametse, ba bona sefahleho sa hae e ka sa lengeloi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos