Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Timothea 2:1 - BIBELE

1 Pele ho tsohle, ke kgothaletsa hore dikopo, dithapelo, dithapello le diteboho di etsetswe batho bohle,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale, kgothatso ya ka ya sehlooho, ke re: Diqelo, le merapelo, le dithapello, le diteboho, di etsetswe batho bohle,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ka baka leo, ke laya, pele ho tsohle, hore merapelo, le merapelo, le merapelo, le diteboho, di etsetswe batho bohle;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka baka leo, ke laya, pele ho tsohle, hore merapelo, le merapelo, le merapelo, le diteboho, di etsetswe batho bohle;

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 2:1
26 Referencias Cruzadas  

e le hore ba tle ba etsetse Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate, mme ba tsebe ho rapella kgosi le bara ba yona.


Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe, le bokwe kamehla le mehla, lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae. A ho be jwalo! A ho be jwalo!


Motse oo ke entseng hore le iswe ho wona le le bathopuwa le ke le o batlele kgotso, le o rapelle ho Morena, hobane ke ha feela motse oo o ena le kgotso le lona le tlang ho ba le kgotso!’


Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake,


Ke qala ka ho leboha Modimo wa ka, ka Jesu Kreste, ka baka la lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.


A ho lebohuwe Modimo, hobane le ne le le makgoba a sebe, empa le mametse ka dipelo tsa lona tsohle mofuta wa thuto eo le e neilweng.


Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng,


Re bile ra rapela Tite, ya qadileng mosebetsi ona wa mohau, hore a o phethe ho lona.


Ka hona ke le kopa hore le se ke la tepella, hobane ke matshwenyehong ka baka la lona, mme le ka ithorisa ka wona.


Kamehla lebohang Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.


Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.


Ke leboha Modimo wa ka kamehla ha ke le hopola,


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata.


Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.


ya ratang hore batho bohle ba pholohe, mme ba tsebe nnete.


Athe mohlolohadi ya se nang le moneketsela, ya setseng a nnotsi, o tshepile Modimo feela, o tiisetsa ho mo kopa le ho mo rapela bosiu le motsheare.


Mohlanka wa Morena ha a tshwanele ho lwana, empa eka kgona a be mosa ho bohle, a tsebe ho ruta, a be le mamello.


Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse.


Ba se nyefole motho, ba se rate ntwa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle.


Re lakatsa ha e mong le e mong wa lona a ka bontsha mafolofolo wona ao, a etsang hore tshepo ya lona e phethehe ho fihlela qetellong.


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos