Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 7:21 - BIBELE

21 Ha o bitsitswe o le lekgoba, o se ke wa itshwenya. Empa leha o ka lokoloha bokgobeng, thabela tokoloho eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hleka o bitsitswe o le ya ruilweng na? O se ke wa belaela ke hona. Empa ha o ka lokollwa, o mpe o ikgethele hona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Na o bitsitswe o le mohlanka? u se ke ua e tsotella: empa ekare ha u ka lokoloha, u mpe u e sebelise.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Na o bitsitswe o le mohlanka? u se ke ua e tsotella: empa ekare ha u ka lokoloha, u mpe u e sebelise.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 7:21
14 Referencias Cruzadas  

Lona le se ke la batla seo le ka se jang, le seo le ka se nwang, mme le se ke la belaela,


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.


E mong le e mong a nne a be kamoo a neng a le kateng mohla a neng a bitswa.


Etswe ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ho Morena o lokolohile. Ka mokgwa o jwalo, ya bitsitsweng ke Kreste a lokolohile, ke lekgoba la Kreste.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona.


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.


Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.”


Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos