O atametse pohwana pela tente ya pokano, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho;
Numere 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balevi bona ba tla bea matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana; ka e nngwe o tla etsa sehlabelo sa sebe, ka e nngwe o etsetse Jehova setjheso, ho tle ho etsetswe Balevi pheko. BIBELE “Balevi ba bee matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana, ebe wena o nyehela ka pohwana e nngwe ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe, mme e nngwe e le nyehelo ya setjheso ya ho etsetsa Balevi tefelo ya sebe. |
O atametse pohwana pela tente ya pokano, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho;
O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.
le maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, kamoo a ka ntshang kateng, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.
Aarone o tla hlahisa pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe, mme o tla iketsetsa pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae. Pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe o tla e hlaba.
Aarone o tla bea matsoho a hae a mabedi hloohong ya phooko e utlwang, a bolele hodima yona makgopo kaofela a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla di bea hloohong ya phooko, a ntoo e kgannela feelleng ka motho ya kgethetsweng hoo,
Aarone o tla hlahisa pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe, mme o tla iketsetsa pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae.
Baholo ba phutheho ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho, pela Jehova, mme poho e tla hlajwa pela Jehova.
O tla etsa ka poho eo kamoo a entseng ka poho ya sehlabelo sa sebe kateng; o tla e etsa jwalo. Moprista o tla ba etsetsa pheko jwalo, ba tle ba tshwarelwe.
O tla nka mafura kaofela kamoo ho nkwang mafura kateng, a nku e tona ya sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla e tjhesa aletareng, e be sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo. Moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.
O tla tlisa pohwana eo pela tente ya pokano; o tla bea letsoho la hae hloohong ya pohwana eo, mme o tla e hlaba pela Jehova.
Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.
A atametsa pohwana ya sehlabelo sa sebe, mme Aarone le bara ba hae ba bea matshoho a bona hloohong ya pohwana ya sehlabelo sa sebe.
Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, a a bea ka monwana wa hae manakeng a aletare ka nqa tsohle; kahoo a hlwekisa aletare; madi a setseng a a tshollela fatshe aletareng, mme a e kgetha jwalo, ho tle ho etswe pheko teng.
Moshe a atametsa pheleu ya setjheso, mme Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu.
Moshe a re ho Aarone: Atamela pela aletare, o etse sehlabelo sa hao sa sebe, le setjheso sa hao; o etse le pheko ya hao le ya setjhaba; o etse le setjheso sa setjhaba, le pheko bakeng sa sona, kamoo Jehova a laetseng kateng.
O tla hlahisetsa Jehova kabelo ya hae, e leng konyana e tona e lemo se le seng, e se nang sekodi, e be setjheso; le sethole sa nku se se nang sekodi, se lemo se le seng, e be sehlabelo sa sebe, le pheleu e se nang sekodi, e be sehlabelo sa teboho;
Moprista o tla hlahisa dintho tseo pela Jehova, mme o tla hlahisa sehlabelo sa monasari sa sebe le setjheso sa hae.
O tla emisa Balevi pela Aarone le bara ba hae, mme o tla ba hlahisetsa Jehova e le kabelo e tsokotswang;
Ba tla nka pohwana ya kgomo, le nyehelo ya yona, le lefi la phofo le dubilweng ka ole; o tla nka pohwana e nngwe, e be sehlabelo sa sebe.
Mme ka molao, dintho tse hlatsuwang ka madi e batla e eba tsohle, mme ha madi a sa tsholohe, ha ho teselo ya dibe.