Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A atametsa pohwana ya sehlabelo sa sebe, mme Aarone le bara ba hae ba bea matshoho a bona hloohong ya pohwana ya sehlabelo sa sebe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Jwale Moshe a tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, mme Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana ya nyehelo e tlosang dibe.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 8:14
17 Referencias Cruzadas  

Ke tla o hlahisetsa ditjheso tsa nku tse nonneng, le monko wa mafura a dipheleu, ke o hlabele dipohwana le diphooko. (Sela.)


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


O tla nea baprista ba Balevi, bao e leng ba lesika la Tsadoke, ba atamelang pela ka, pohwana ho e etsa sehlabelo sa sebe: ho rialo Jehova.


O tla nka madi a mong a yona, o a bee manakeng a yona a mane, le dintlheng tse nne tsa mothati wa yona, le moqhakeng o o potolohang, mme o tla e hlatswa jwalo, le ho e phekola.


Ka letsatsi leo a tla kena sehalalelong, lebaleng le kahare, ho sebetsa sehalalelong, o tla hlaba sehlabelo sa hae sa sebe: ho bolela Morena Jehova.


O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.


Aarone o tla bea matsoho a hae a mabedi hloohong ya phooko e utlwang, a bolele hodima yona makgopo kaofela a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla di bea hloohong ya phooko, a ntoo e kgannela feelleng ka motho ya kgethetsweng hoo,


Aarone o tla hlahisa pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe, mme o tla iketsetsa pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae.


Baholo ba phutheho ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho, pela Jehova, mme poho e tla hlajwa pela Jehova.


Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


Balevi bona ba tla bea matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana; ka e nngwe o tla etsa sehlabelo sa sebe, ka e nngwe o etsetse Jehova setjheso, ho tle ho etsetswe Balevi pheko.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos