Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 16:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Aarone o tla bea matsoho a hae a mabedi hloohong ya phooko e utlwang, a bolele hodima yona makgopo kaofela a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla di bea hloohong ya phooko, a ntoo e kgannela feelleng ka motho ya kgethetsweng hoo,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Arone o tla bea matsoho a hae a mabedi hodima hlooho ya podi ena e ntseng e phela, mme a bolele makgopo wohle a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tsa bona, le dibe tsohle tsa bona; a di bee hodima hlooho ya podi ena, ebe e iswa lehwatateng ke motho ya kgethetsweng hoo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:21
16 Referencias Cruzadas  

Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)


Hobane ke tseba ditlolo tsa ka, sebe sa ka se pela ka kamehla.


O atametse pohwana pela tente ya pokano, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho;


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.


Etlare hobane a etsetse sehalalelo le tente ya pokano le aletare pheko, o tla hlahisa phooko e utlwang.


phooko e tle e ise naheng e se nang batho dibe tsohle tsa bona, tseo e di jereng; mme e tla tebellwa feelleng.


Empa etlare ha ba ipolela makgopo a bona, le makgopo a bontata bona, le ditlolo tseo ba nketseditseng tsona,


Motho ya tlang ho ba le molato wa ntho e nngwe ya tseo, o tla bolela sebe sa hae;


Hobane motho o dumela ka pelo, hore a bewe ya lokileng, mme o bolela ka molomo, hore a bolokehe.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos