Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 5:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “ ‘Empa ha motho a sitwa ho fumana nku kapa podi, o tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae ya sebe seo a se entseng, ya maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, le leng e le la nyehelo ya sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 5:7
24 Referencias Cruzadas  

Ho feleng ha matsatsi a ho itlhatswa ha hae, bakeng sa mora, kapa bakeng sa moradi wa hae, o tla hlahisa konyana e lemo se le seng, e be setjheso, le leebana, kapa leebakgorwana, e be sehlabelo sa sebe, a di tlise monyako wa tente ya pokano,


Ha a ka hloka konyana, a nke maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la setjheso, le leng e be la sehlabelo sa sebe. Moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a hlweke.


A ntoo hlaba le leng la maebanakgorwana, leha e le le leng la madinyane a maeba, kamoo a ntshitseng kateng;


le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso se tla hlahiswa hammoho le nyehelo, mme moprista o tla etsetsa ya itlhatswang pheko pela Jehova.


Moprista o tla hlahisa le leng, e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso; moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova ka baka la letlang le neng le mo tshetse sesila.


O tla newa ke phutheho ya bana ba Iseraele diphooko tse pedi ho etsa sehlabelo sa sebe, le pheleu ho etsa setjheso.


Ekare ha ya entseng kano a sitwa ho lefa dishekele ka tekanyetso ya hao, o tla iswa ho moprista ya tlang ho bolela tekanyetso ya hae; moprista o tla lekanyetsa ka ho bapisa le seo motho eo a se ruileng.


Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.


Molao wa sehlabelo sa molato ke wona ona: ke ntho e halalelang haholo: Ho tla hlajwa sehlabelo sa molato nqalong eo setjheso se hlabelwang teng, mme madi a sona a tla tshelwa aletareng ka nqa tsohle.


O tla bolella bana ba Iseraele, o re: Nkang phooko ya sehlabelo sa sebe; le nke le namane le konyana tsa setjheso, e be tse lemo se le seng, tse hlokang sekodi;


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ha monna, kapa mosadi, a entse se seng sa dibe tseo batho ba sitelwang, ba sitelwang Jehova ka tsona, mme ha motho eo a le molato kahoo,


Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisetsa moprista, monyako wa tente ya pokano, maebanakgorwana a mabedi, kapa maebana a mabedi.


Moprista o tla etsa ka le leng sehlabelo sa sebe, ka le leng a etse setjheso; o tla mo etsetsa pheko ya sebe seo a leng ho sona ka baka la setopo seo; hape ka tsatsi leo o tla halaletsa hlooho ya hae.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.


Eitse Jesu ha a kolobeditswe, a phakisa a tswa metsing, mme hang, mahodimo a phetlelwa yena; a bona Moya wa Modimo o theoha a ka leeba, o tla hodima hae.


Ba ya le hore ba hlahise sehlabelo se laetsweng molaong wa Morena, sa maebanakgorwana a mabedi, leha e le sa madinyane a mabedi a maeba.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos