Levitike 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato ka baka le sebe seo a se entseng, e be sa ntho e tshehadi ya tse kgutshwane, kapa nku, kapa podi, e be sehlabelo sa sebe, hore moprista a mo etsetse pheko ya sebe sa hae. Ver CapítuloBIBELE6 O tla tlisetsa Morena nyehelo ka baka le sebe seo a se entseng, e be kgutshwane, e tswang mohlapeng wa hae, nku e tshehadi kapa podi e tshehadi, e le nyehelo ya sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe sa hae. Ver Capítulo |
Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.