Levitike 5:6 - BIBELE6 O tla tlisetsa Morena nyehelo ka baka le sebe seo a se entseng, e be kgutshwane, e tswang mohlapeng wa hae, nku e tshehadi kapa podi e tshehadi, e le nyehelo ya sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe sa hae. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato ka baka le sebe seo a se entseng, e be sa ntho e tshehadi ya tse kgutshwane, kapa nku, kapa podi, e be sehlabelo sa sebe, hore moprista a mo etsetse pheko ya sebe sa hae. Ver Capítulo |
Yaba monna eo o re ho nna: “Dikamore tse ka leboya le tse ka borwa, tse shebileng ka lebaleng la Tempele, ke dikamore tse halalelang tsa baprista ba atamelang ho Morena; ke moo ba tla jela teng dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa. Ke hona moo ba tla boloka dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa teng, e leng dinyehelo tsa koro, le dinyehelo tse etswang ka baka la sebe, le dinyehelo tsa tefelo ya melato, hobane ke sebaka se halalelang.