Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka.
Dumela feela molato wa hao, Hore o fetohetse Morena, Modimo wa hao, rato la hao, wa le hafela medimo esele, wa le hafa o le tlasa difate di le talana; esita le nna ha o a ntlhompha,” ho rialo Morena.
Ka rapela Morena Modimo wa ka, ka etsa boipolelo bona, ka re: “Oho, Morena, wena Modimo e moholo, ya tshabehang, o baballa selekane sa hao sa lerato ka botshepehi ho ba o ratang, ba bolokang melao ya hao.
Arone o tla bea matsoho a hae a mabedi hodima hlooho ya podi ena e ntseng e phela, mme a bolele makgopo wohle a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tsa bona, le dibe tsohle tsa bona; a di bee hodima hlooho ya podi ena, ebe e iswa lehwatateng ke motho ya kgethetsweng hoo.
“ ‘Batho bao ba masalla ba tla ipolela makgopo a bona, le makgopo a bo-ntata bona, le ditshito tsa bona tseo ba ntshitetsweng ka tsona; le hore ba ile ba ntwantsha.
Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe sa hae, ho e nngwe ya dintho tsena, mme motho eo o tla tshwarelwa. Phofo e setseng e tla ba ya moprista, jwalokaha ho etswa ka nyehelo ya dijo.’ ”
O tla ipolela sebe seo a se entseng, a lefe molato wa hae ka ho tlala, mme a be a eketse tefo eo ka karolo ya yona ya bohlano, a e nee eo a mo sitetsweng.
Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”