Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba tla nka pohwana ya kgomo, le nyehelo ya yona, le lefi la phofo le dubilweng ka ole; o tla nka pohwana e nngwe, e be sehlabelo sa sebe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ba nke pohwana le nyehelo ya yona ya phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; ebe le wena o nka pohwana e nngwe ya nyehelo e tlosang sebe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 8:8
12 Referencias Cruzadas  

Ha o ba kgetha, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka, o tla etsa ka mokgwa ona:


o di kenye serotong, mme o di hlahise ka seroto, hammoho le pohwana le dipheleu tse pedi.


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


Ke ona mokgwa oo Aarone a tlang ho kena ka wona sehalalelong: O tla nka pohwana e be sehlabelo sa sebe, le pheleu e be setjheso.


Ekare ha motho a rata ho hlahisetsa Jehova nyehelo, nyehelo ya hae a e be ya lefi la phofo; o tla le tshela ka ole, a le nonetse ka dibano.


etlare ha sebe se entsweng se lemohuwa, phutheho e tla hlahisa pohwana bakeng sa sebe, mme e tla tliswa pela tente ya pokano.


Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.


Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos