Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 8:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Seo o tla ba etsetsa sona hore o ba hlwekise ka sona, ke sena: O foke hodima bona ka metsi a hlatswang sebe; ba ipeole mmele oohle ka lehare; ba hlatswe diaparo tsa bona, mme ba itlhwekise.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Ha o ba hlwekisa, o ba etse tjena: O ba foke ka metsi a tlhwekiso, ba ipeole mmele wohle ka lehare, ba hlatswe diaparo tsa bona, ba itlhwekise.

Ver Capítulo Copiar




Numere 8:7
24 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re ho ba ntlo ya hae, le ho bohle ba neng ba na le yena: Lahlang medimo esele e hara lona; le itlhatswe, le apare diaparo disele.


Ntlhatswe, o be o ntlhatswisise bokgopo ba ka, o mphekole sebe sa ka!


O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!


Jehova a re ho Moshe: Bona, ke tla tla ho wena, lerung le letenya, hore setjhaba se tle se utlwe ha ke bua le wena, se be se o dumele kamehla. Moshe a tsebisa Jehova mantswe a setjhaba.


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


E mong le e mong ya di amang, o tla itshela sesila, mme o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.


Ya ka dulang moo monna eo a neng a dutse teng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; a be sesila ho isa mantsiboya.


Ya di tjhesitseng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae metsing; a ntoo kgutlela diahelong.


Yaba Moshe o atametsa Aarone le bara ba hae, mme a ba hlatswa ka metsi, a apesa Aarone kojwana;


Ya amang setopo, e leng mmele wa motho ya shweleng, ha a sa itlhatswe, o silafatsa tabernakele ya Jehova; o tla tloswa hara Iseraele. Erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang, mme ho se hlweke ha hae ho sa ntse ho le hodima hae.


Hape le tla hlatswa diaparo kaofela le dintho tsohle tsa letlalo, le tse entsweng ka boya ba dipodi, le dijana tsa mahong.


Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona. Aarone a ba hlahisa pela Jehova e le kabelo e tsokotswang, a ba etsetsa pheko hore ba tla ba hlweke.


e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.


Hobane ha esita madi a diphoho le a diphooko, le melora ya sethole eo ho fokwang ba ditshila ka yona, di ba hlatswa ka nqeng ya nama,


Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.


Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos