Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 9:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Moshe a re ho Aarone: Atamela pela aletare, o etse sehlabelo sa hao sa sebe, le setjheso sa hao; o etse le pheko ya hao le ya setjhaba; o etse le setjheso sa setjhaba, le pheko bakeng sa sona, kamoo Jehova a laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng, o etse nyehelo ya hao e tlosang sebe, le nyehelo ya hao ya setjheso; o iketsetse tefelo ya sebe, o be o etsetse le setjhaba. O tlise nyehelo ya setjhaba, mme o se etsetse tefelo ya sebe, jwalokaha Morena a laetse.”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 9:7
12 Referencias Cruzadas  

Aarone o tla hlahisa pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe, mme o tla iketsetsa pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae. Pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe o tla e hlaba.


o tla hlatswa mmele wa hae metsing, nqalong e halalelang, mme o tla boela a apare diaparo tsa hae. Hamorao, o tla tswa, a hlabe setjheso sa hae le setjheso sa setjhaba, a iketsetse pheko, a etsetse le setjhaba.


Aarone o tla hlahisa pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe, mme o tla iketsetsa pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae.


Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.


Se entsweng kajeno, Jehova o laetse hore se etsetswe pheko ya lona.


Nka pohwana e be sehlabelo sa sebe, le pheleu ya setjheso, di hloka sekodi tse pedi, mme o di hlabe pela Jehova.


Hobane moprista e moholo, leha e le ofe le ofe, ya nkwang hara batho, o ye a beelwe batho dinthong tsa tshebeletso ya Modimo, a tle a hlahise dinyehelo le mahlabelo ka baka la dibe;


Ke ka baka leo a tshwanetseng ho hlahisa mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, jwalokaha a etsa ka baka la dibe tsa setjhaba.


empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.


Ke kahoo ke anetseng ntlo ya Eli, ka re: Bokgopo ba ntlo ya Eli ha bo ka ke ba hlatsuwa ka mahlabelo, leha e le ka nyehelo, le ka mohla o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos