Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 9:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mme ka molao, dintho tse hlatsuwang ka madi e batla e eba tsohle, mme ha madi a sa tsholohe, ha ho teselo ya dibe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Mme e batla e le dintho tsohle ka molao di hlwekiswa ka madi; mme kantle ho tshollo ya madi ha ho tshwarelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Mme e batla e le dintho tsohle ka molao di hlwekiswa ka madi; mme kantle ho tshollo ya madi ha ho tshwarelo.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 9:22
14 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho nna: Mora motho, Morena Jehova o re: Ke tsena ditaelo tsa aletare letsatsing leo e tla etswa ka lona, hore ho tle ho hlajwe ho yona setjheso, mme e fafatswe ka madi.


Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa molato, o tla a bea lereteng la tsebe e tona ya motho ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho le letona la hae, le monwaneng o motona wa leoto la hae le letona.


Moprista o tla hlaba konyana ya sehlabelo sa molato, mme o tla nka madi a mang a sehlabelo sa molato, a a bee lereteng la tsebe e tona ya motho ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona, le monwaneng o motona wa leoto le letona la hae.


Jwale o tla nka serobele se utlwang, le lehong la kedare, le krimsone, le hisopa, mme o tla di qopetsa hammoho le serobele se utlwang mading a serobele se hlabetsweng hodima metsi a molatswana;


Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.


O tla etsa ka poho eo kamoo a entseng ka poho ya sehlabelo sa sebe kateng; o tla e etsa jwalo. Moprista o tla ba etsetsa pheko jwalo, ba tle ba tshwarelwe.


O tla tjhesa mafura kaofela a podi aletareng, jwaloka mafura a sehlabelo sa teboho; moprista o tla etsetsa motho eo pheko ya sebe sa hae jwalo, a tle a tshwarelwe.


O tla nka mafura kaofela kamoo ho nkwang mafura kateng, a nku e tona ya sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla e tjhesa aletareng, e be sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo. Moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.


Ka nonyana ya bobedi, o tla etsa setjheso ka molao wa teng; moprista o tla mo etsetsa pheko jwalo, bakeng sa sebe seo a se entseng, mme o tla tshwarelwa.


Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.


O tla e tlisa ho moprista; moprista o tla qotsa ho yona ka seatla, ho etsa kgopotso, o tla e tjhesa aletareng, jwaloka dinyehelo tse tjhesetswang Jehova: ke sehlabelo sa sebe.


O tla tlisa ho moprista pheleu e se nang sekodi, e nkilweng mohlapeng wa hae ka tekanyetso ya hao, e be sehlabelo sa molato. Moprista o tla mo etsetsa pheko ka baka la molato wa hae, oo a o entseng a sa tsebe, mme o tla tshwarelwa.


Moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova, mme o tla tshwarelwa, leha molato wa hae e ka ba ofe le ofe oo a o entseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos