Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 29:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 O atametse pohwana pela tente ya pokano, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Jwale o tla tlisa pohwana kapele ho Tente ya Morena, ebe Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 29:10
13 Referencias Cruzadas  

o ntoo hlaba poho pela Jehova, monyako wa tente ya pokano.


O tla nka pheleu e nngwe, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya pheleu;


O tla nka pheleu ya bobedi, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya pheleu;


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


Etlare hobane o qete ho e hlatswa, o tla hlaba pohwana e hlokang sekodi le pheleu e hlokang sekodi.


O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.


Aarone o tla bea matsoho a hae a mabedi hloohong ya phooko e utlwang, a bolele hodima yona makgopo kaofela a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla di bea hloohong ya phooko, a ntoo e kgannela feelleng ka motho ya kgethetsweng hoo,


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya kgomo eo ya sehlabelo sa hae, o tla e hlaba monyako wa tente ya pokano; baprista, bara ba Aarone, ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.


O tla tlisa pohwana eo pela tente ya pokano; o tla bea letsoho la hae hloohong ya pohwana eo, mme o tla e hlaba pela Jehova.


A atametsa pohwana ya sehlabelo sa sebe, mme Aarone le bara ba hae ba bea matshoho a bona hloohong ya pohwana ya sehlabelo sa sebe.


Moshe a atametsa pheleu ya setjheso, mme Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu.


Balevi bona ba tla bea matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana; ka e nngwe o tla etsa sehlabelo sa sebe, ka e nngwe o etsetse Jehova setjheso, ho tle ho etsetswe Balevi pheko.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos