Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O tla tlisa pohwana eo pela tente ya pokano; o tla bea letsoho la hae hloohong ya pohwana eo, mme o tla e hlaba pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 O tla tlisa pohwana ena monyakong wa Tente ya Morena kapele ho Morena, a bee letsoho la hae hodima hlooho ya yona, a e hlabele Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 4:4
11 Referencias Cruzadas  

Ba ntoo tlisa diphooko tsa sehlabelo sa sebe pontsheng ya morena le pontsheng ya morena le pontsheng ya phutheho; ba bea matsoho a bona hodima tsona.


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


Aarone o tla bea matsoho a hae a mabedi hloohong ya phooko e utlwang, a bolele hodima yona makgopo kaofela a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla di bea hloohong ya phooko, a ntoo e kgannela feelleng ka motho ya kgethetsweng hoo,


Baholo ba phutheho ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho, pela Jehova, mme poho e tla hlajwa pela Jehova.


O tla bea letsoho la hae hloohong ya podi ya sehlabelo sa sebe, mme o tla e hlaba nqalong ya ditjheso.


A atametsa pohwana ya sehlabelo sa sebe, mme Aarone le bara ba hae ba bea matshoho a bona hloohong ya pohwana ya sehlabelo sa sebe.


Balevi bona ba tla bea matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana; ka e nngwe o tla etsa sehlabelo sa sebe, ka e nngwe o etsetse Jehova setjheso, ho tle ho etsetswe Balevi pheko.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos