A nna a batla Jehova ka tshiu tsohle Sakaria, monna ya kelello diponong tsa Modimo; mme matsatsing ao a batlileng Jehova ka wona, Modimo wa nna wa mo atlisa.
Nehemia 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ba fetola, ka re ho bona: Modimo wa mahodimo ke wona o tla re atlisa; ka baka leo, rona re leng bahlanka ba wona, re se re ya tsoha, re haha; haele lona, ha le na kabelo, leha e le tokelo, leha e le keletso Jerusalema. BIBELE Yaba ke a ba araba, ke re ho bona: “Modimo wa mahodimo ke yena ya tla re atlehisa; ka baka lena, rona, bahlanka ba hae, re tla ema ka maoto, re hahe. Ha e le lona, mona Jerusalema, ha le na kabelo, kapa tokelo, kapa sefika.” |
A nna a batla Jehova ka tshiu tsohle Sakaria, monna ya kelello diponong tsa Modimo; mme matsatsing ao a batlileng Jehova ka wona, Modimo wa nna wa mo atlisa.
Empa Sorobabele, le Joshua, le dihlooho tse ding tsa matlo a bontata Baiseraele, ba re ho bona: Ha le na ho hahela Modimo wa rona ntlo hammoho le rona; re tla mpe re hahele Jehova, Modimo wa Iseraele, re nnotshi, kamoo re laetsweng ke morena Siruse, morena wa Persia kateng.
Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,
Bahlanka bohle ba morena le setjhaba sa dinaha tsa morena, ba tseba hoba motho, kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, ha a ka kena ho morena lebaleng le kahare a sa bitswa, molao o teng o sa fetoheng o laelang hore a bolawe, haese ha morena a ka mo nanabelletsa lere la hae la kgauta, a tle a phele; athe nna ha ke eso ho bitswe hore ke kene ho morena e se e le tshiu tse mashome a mararo.
Etlaba moo re thabelang hlolo ya hao; ka lebitso la Modimo wa rona re tla emisa difolaga tsa rona. Jehova a ke a o fe tsohle tseo o di qelang.
Ke moo ba ratang taba e lokileng ya ka ba tla bina ba nyakaletse; ba tla re ka matsatsitsatsi: Jehova o moholo, ya ratang molemo wa mohlanka wa hae!
Etlare ha Aarone a kena sehalalelong, o tla jara sefubeng sa hae, ka mokgajwana wa kahlolo, mabitso a bana ba Iseraele, e tle e be kgopotso e sa feleng pela Jehova.
Ho molemo ha o ka tshwara hona, mme letsoho la hao le se ke la furalla hono; hobane ya tshabang Modimo o tswa tsietsing tsohle.
ke tla a fa bodulo le lebitso le fetisang la mora le la moradi ka tlung ya ka le marakong a ka; ke tla a fa lebitso le hlolehileng, le ke keng la fela.
O tla le isa ho baprista, bara ba Aarone; moprista o tla qotsa ho lona lefi la phofo le tshetsweng ka ole ka seatla, le dibano kaofela, mme moprista o tla di tjhesa aletareng, e be kgopotso aletareng, e le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Hodima setha se seng le se seng, o tla bea dibano tse hlwekileng; e tla ba kgopotso le nyehelo e tjheseditsweng Jehova ka mollo.
Haele meqhaka, e tla bewa tlung ya Jehova, e tle e be kgopotso ya Heleme, le ya Tobija, le ya Jedaia, le ya Hene mora Sofonia.
Matsatsing a lona a ho thaba, mohla mekete ya lona, le thwasong ya dikgwedi tsa lona, le tla letsa diterompeta, le ntse le hlahisa ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona a teboho, mme le tla hopolwa jwalo pela Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo.
Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.
Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo.