Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O tla le isa ho baprista, bara ba Aarone; moprista o tla qotsa ho lona lefi la phofo le tshetsweng ka ole ka seatla, le dibano kaofela, mme moprista o tla di tjhesa aletareng, e be kgopotso aletareng, e le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 ebe o e tlisa ho baprista, e leng bara ba Arone. Moprista a nke phofo e thumisehileng ka seatla, le ole, le mokubetso kaofela, a di tjhesetse hodima aletare, e be kgopotso e hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 2:2
17 Referencias Cruzadas  

Oho, Modimo wa ka, o nkgopole ka baka la tseo, mme o se hlakole diketso tsa borapedi tseo ke di etseditseng ntlo ya Modimo wa ka le ntho tse tshwanetseng ho bolokwa!


Hape, ka bolella Balevi hore ba itlhwekise, mme ba tle ho lebela menyako, hore tsatsi la Sabatha le tle le kgethwe. Oho, Modimo wa ka, nkgopole le tabeng ena, mme o nkgauhele ka boholo ba mohau wa hao!


O nke tjhelete tsa topollo tse ntshwang ke bana ba Iseraele, o di ntshetse tshebeletso ya tente ya pokano; e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova, ha ho etsetswa meya ya lona topollo.


Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,


O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla roba nonyana pakeng tsa mapheo, empa a sa e kgaole kalehare, mme moprista o tla e tjhesa aletareng hodima patsi e beilweng mollong; ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Moprista o tla tjhesa karolo ya kgopotso ya dihlaku tse hohlilweng, le ya ole le dibano kaofela: ke nyehelo e tjheseditsweng Jehova.


Moprista o tla ngwatha nyehelong se tshwanetseng ho ba kgopotso, a se tjhese aletareng: ke sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Hodima setha se seng le se seng, o tla bea dibano tse hlwekileng; e tla ba kgopotso le nyehelo e tjheseditsweng Jehova ka mollo.


O tla nka mafura a yona kaofela, jwalokaha ho nkwa mafura a sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla a tjhese aletareng, e be monko o monate ho Jehova; moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.


Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.


O tla e tlisa ho moprista; moprista o tla qotsa ho yona ka seatla, ho etsa kgopotso, o tla e tjhesa aletareng, jwaloka dinyehelo tse tjhesetswang Jehova: ke sehlabelo sa sebe.


Moprista o tla qotsa ho yona seatla sa lefi la phofo, le ole, le dibano kaofela tse nyehelong, mme o tla di tjhesa aletareng e le kgopotso, e le monko o monate ho Jehova.


moprista o tla emisa mosadi pela Jehova; o tla kwaholla hlooho ya mosadi, a bee diatleng tsa hae nyehelo ya kgopotso, e leng nyehelo ya poulelo; mme moprista o tla nka ka letsohong la hae metsi a babang a tlisang thohako.


Moprista o tla qotsa ho ka tlatsang seatla nyehelong eo, e be ya kgopotso, mme o tla ho tjhesa aletareng; kamora tseo o tla nosa mosadi metsi ao.


Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos