Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Matsatsing a lona a ho thaba, mohla mekete ya lona, le thwasong ya dikgwedi tsa lona, le tla letsa diterompeta, le ntse le hlahisa ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona a teboho, mme le tla hopolwa jwalo pela Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 10:10
34 Referencias Cruzadas  

Yena a re: O latang ho yena kajeno? Hase kgwedi e ntjha, leha e le Sabatha. A re: Ke kgotso.


Baprista Shebania, Josafate, Nethaneele, Amasai, Sakaria, Benaia le Eliesere, ba ne ba letsa diterompeta pela areka ya Modimo, mme Obed-Edomo le Jehia e ne e le balebedi ba menyako bakeng sa areka.


Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.


Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


Balevi ba ema moo jwalo, ba tshwere diletsa tsa Davida, baprista bona ba tshwere diterompeta.


Yaba phutheho yohle e a inama, dibini tsa bina, diterompeta tsa letswa, ho fihlela setjheso ha se phetheha.


Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.


Eitse ha ba hahang ba thea metheo ya tempele ya Jehova, baprista ba emiswa ba apere tsa bona, ba tshwere diterompeta, ba ena le Balevi, bana ba Asafe, ba tshwere disimbala ho rorisa Jehova, ba ntse ba eya ka ditaelo tsa Davida, morena wa Iseraele.


le bara ba baprista ba tshwereng diterompeta, Sakaria, mora Jonathane, mora Shemaia, mora Matthania, mora Mikea, mora Sakkure, mora Asafe,


O roriseng ka modumo wa terompeta! O roriseng ka pesalterine le harepa! O roriseng ka meropa le ka mehobelo!


Ke kgwedi e ntjha, letsang phala; ke kgwedi e tolokileng, tsatsi la mokete wa rona!


Hobane ke molao o neilweng Iseraele, taelo ya Modimo wa Jakobo;


Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang pitso ya terompeta! Se tsamaya leseding la sefahleho sa hao, Jehova,


Etlare ha Aarone a kena sehalalelong, o tla jara sefubeng sa hae, ka mokgajwana wa kahlolo, mabitso a bana ba Iseraele, e tle e be kgopotso e sa feleng pela Jehova.


O nke tjhelete tsa topollo tse ntshwang ke bana ba Iseraele, o di ntshetse tshebeletso ya tente ya pokano; e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova, ha ho etsetswa meya ya lona topollo.


Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi le qalang kgwedi, letsatsi la phomolo le tla ba teng, leo le tla le tsebiswa ka moletso wa diterompeta, mme phutheho e halalelang e tla ba teng.


Etlare ha le eya ntweng fatsheng la lona, le ya lwantsha dira tse le qalang, le tla letsa diterompeta haholo, mme le tla hopolwa pela Jehova, Modimo wa lona, mme le tla namolelwa matsohong a dira tsa lona.


Qalong ya dikgwedi tsa lona, le tla hlahisetsa Jehova setjheso sa dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi;


Ka kgwedi ya bosupa, ka tsatsi la pele la kgwedi, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona. E tla ba letsatsi la ho letsa diterompeta haholo.


Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla!


Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.


hang, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ya morao; hobane terompeta e tla lla, mme bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, mme le rona re tla fetoha.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Ka baka leo, le ke le tshedisane ka dipolelo tseo.


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.


Moya le monyaduwa ba re: Tloo! Le ya utlwang a ke a re: Tloo! Le ya nyorilweng ha a tle; le ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


Davida a re ho Jonathane: Bona, kgwedi e tla thwasa hosasane; ke ha ke tshwanetse ho dula dijong le morena; o ntumelle, ke ye, ke ipate naheng, ho isa mantsiboya a la boraro.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos