Nehemia 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)19 Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na? Ver CapítuloBIBELE19 Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?” Ver Capítulo |
Yaba Ishmaele o ya le ba siilweng kaofela ba setjhaba ba neng ba le Mitspe, le baradi ba morena le ba setjhaba kaofela ba neng ba setse Mitspe, bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba beile tisong ya Gedalia, mora Akimane; Ishmaele, mora Nethania, a ya le bona, a tloha teng a lebile nqa naha ya bana ba Ammone.