Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Eitse ha a mo tadima, a tshoha, a re: Ke eng, Morena? A re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse ho ba kgopotso pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Eitse ha a mo tadima, a tshoha, a re: Ke eng, Morena? A re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse ho ba kgopotso pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 10:4
24 Referencias Cruzadas  

Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa; a rapela Jehova, mme Jehova a bua le yena, mme a mo nea mohlolo.


o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, mme di tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa hodima ntlo ena ke e hahileng.


Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!


A ke a hopole dinyehelo tsa hao kaofela, a amohele ditjheso tsa hao! (Sela.)


Nkgopotse, re tseke hammoho! Bolela, o tle o bonahale o le ya lokileng!


Ha ke a ka ka bolela sephiring, leha e le nqalong e lefifi ya lefatshe, ha ke a ka ka re ho moloko wa Jakobo: Le mpatle feela. Nna, Jehova, ke bolela nnete, ke tsebisa se lokileng.


A re ho nna: Daniele, monna ya ratwang, mamela ditaba tseo ke o bolellang tsona, o nne o eme maotong a hao; hobane jwale ke romilwe ho wena. Eitse hobane a bue jwalo le nna, ka ema ke ntse ke thothomela.


O tla le isa ho baprista, bara ba Aarone; moprista o tla qotsa ho lona lefi la phofo le tshetsweng ka ole ka seatla, le dibano kaofela, mme moprista o tla di tjhesa aletareng, e be kgopotso aletareng, e le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Yaba ba tshabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngwanabo, mme Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ya kgopotso ya ngolwa pela hae, ya ngollwa ba tshabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.


Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng, moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.


Maria, eitse ha a le bona, a tshoha ke polelo ya lona, mme a nahana hore tumediso ya lona e reng?


Eitse basadi ha ba sa tshohile, ba kobotetse fatshe, ba re ho bona: Ya phelang na le mmatlelang hara bafu?


a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo.


Yare ha a ntse a mametse Pauluse ha a bua, Pauluse a mo sheba, mme ha a bona hobane o na le tumelo ya ho fodiswa,


Ka re: Morena, ke tla etsang na? Morena a re ho nna: Ema, o ye Damaseka; ke moo o tla bolellwa tsohle tseo o tshwanetseng ho di etsa.


Empa Petrose a mo hlaba ka mahlo, a ena le Johanne, a re: Re tadime.


Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.


Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.


Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Modimo o kgahliswa ke mahlabelo a jwalo.


Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.


Mosi wa dibano o tswang letsohong la lengeloi wa nyolohela ho Modimo, o ena le merapelo ya bahalaledi.


Jwale Jehova a tla, a ema, a bitsa jwaloka hapele: Samuele! Samuele! Samuele a re: Bua, hobane mohlanka wa hao o mametse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos