Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.
Ka ba fetola, ka re ho bona: Modimo wa mahodimo ke wona o tla re atlisa; ka baka leo, rona re leng bahlanka ba wona, re se re ya tsoha, re haha; haele lona, ha le na kabelo, leha e le tokelo, leha e le keletso Jerusalema.
Yaba ke rapela Modimo wa mahodimo, ka re ho morena: Ha morena a ka dumela, ha mohlanka wa hao a fumane mohau pela hao, o ke o nthomele Judea, motseng wa mabitla a bontate, ke tle ke boele ke o hahe.
Teng, morena a pheta a re ho Esthere, e le ka tsatsi la bobedi, ha ho nowa veine: O kopa eng, mofumahadi Esthere? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo.