Nehemia 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele. Ver CapítuloBIBELE1 Bo-Eleashibe, Moprista e Moholo, le bana babo, e leng baprista, ba haha Monyako wa Dinku. Ba o halaletsa, mme ba kenya le mamati a wona. Ba o hlohonolofatsa ho tloha Toreng ya Mea, ho ya fihla Toreng ya Hananele. Ver Capítulo |
Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.
Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.