Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 3:1 - BIBELE

1 Bo-Eleashibe, Moprista e Moholo, le bana babo, e leng baprista, ba haha Monyako wa Dinku. Ba o halaletsa, mme ba kenya le mamati a wona. Ba o hlohonolofatsa ho tloha Toreng ya Mea, ho ya fihla Toreng ya Hananele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Eliashibe, moprista e moholo, le baprista banababo, ba tloha, ba haha monyako wa Dinku; ba o kgethela Jehova, mme ba kenya mamati a wona; hape, ba kgethela Jehova sekoto sa lerako ho isa toreng ya Hammea, le ho isa toreng ya Hananeele.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 3:1
19 Referencias Cruzadas  

Jeshua a tswala Joyakime, Joyakime a tswala Eleashibe, Eleashibe a tswala Joyada,


Baprista le Balevi ba itlhwekisa pele, ba nto hlwekisa setjhaba, le menyako, le lerako.


le kahodima Monyako wa Efraime, le kahodimo ho Monyako wa Kgale, le kahodima Monyako wa Ditlhapi, le Tora ya Hananele, le Tora ya Mea, ho ya fihla Monyakong wa Dinku. Batho bana ba fihla ba ema Monyakong wa Tjhankana.


E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka.


Pele ho moo, moprista Eleashibe e ne e le molebedi wa dikamore tsa Tempele ya Modimo. O ne a amana le Tobiya ka lenyalo.


Baruke, mora wa Sabai, a latela Esere; a tsosa karolo e nngwe ya lerako ka mafolofolo, ho tloha hukung ya lona, ho ya fihla monyakong wa ntlo ya Moprista e Moholo Eleashibe.


Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a latela Baruke. A tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eleashibe, ho ya fihla moo ntlo eo e fellang teng.


Pakeng tsa kamore e kahodimo le Monyako wa Dinku, malala a kgauta le bahwebi ba tsosa lerako hona moo.


Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati.


Hoba lerako le hahwe, ka kenya mamati, ha kgethwa balebedi ba menyako, le dibini, le Balevi.


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho kgakola tempele.


Thaba ya Sione e ke e thabe; metse ya Juda e ke e nyakalle ka baka la kahlolo tsa hao.


Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.


Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao.


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona motse ona o tla tsoswa ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla Kgorong e Hukung.


“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!


Naha yohle e tla ba lehwatata ho tloha Geba ho ya fihla Rimone, ka borwa ho Jerusalema. Empa Jerusalema e tla phahamiswa, e nne e be tulong tsa yona, e leng ho tloha Kgorong ya Benjamine ho ya fihla Kgorong ya Pele, le ho ya Kgorong ya Sekgutlo; le ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla ditlhotlelong tsa veine tsa kgosi.


Moo Jerusalema, haufi le Kgoro ya Dinku, ho na le letshana, le bitswang Bethestha ka Seheberu, le nang le mathule a mahlano.


“Jwale baokamedi ba tla bua le bahlabani, ba re: ‘Na ho na le monna ya hahileng ntlo e ntjha, eo a eso e kgakole? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a bolawa ntweng, mme ya kgakolwa ke monna e mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos