Nehemia 2:20 - BIBELE20 Yaba ke a ba araba, ke re ho bona: “Modimo wa mahodimo ke yena ya tla re atlehisa; ka baka lena, rona, bahlanka ba hae, re tla ema ka maoto, re hahe. Ha e le lona, mona Jerusalema, ha le na kabelo, kapa tokelo, kapa sefika.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)20 Ka ba fetola, ka re ho bona: Modimo wa mahodimo ke wona o tla re atlisa; ka baka leo, rona re leng bahlanka ba wona, re se re ya tsoha, re haha; haele lona, ha le na kabelo, leha e le tokelo, leha e le keletso Jerusalema. Ver Capítulo |
“Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”
Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.”