Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bahlanka bohle ba morena le setjhaba sa dinaha tsa morena, ba tseba hoba motho, kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, ha a ka kena ho morena lebaleng le kahare a sa bitswa, molao o teng o sa fetoheng o laelang hore a bolawe, haese ha morena a ka mo nanabelletsa lere la hae la kgauta, a tle a phele; athe nna ha ke eso ho bitswe hore ke kene ho morena e se e le tshiu tse mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”

Ver Capítulo Copiar




Esthere 4:11
9 Referencias Cruzadas  

Jwale, ha morena a dumela, taelo ya mmuso e ke e etswe ho yena, mme e ngolwe bukeng ya melao ya Persia le Media, e be e se nang ho fetoha, ya ho re, Vashti a se ke a hlola a etla pela morena Assueruse, mme morena a ke a nee bofumahadi ba hae ho e mong ya mo fetang ka molemo.


O ne a kena teng ka shwalane; ka hosasa, o ne a kgutlela tlung ya bobedi ya basadi, kalosong ya Shaashgase, tona ya morena, modisa wa direthe; o ne a sa boele a kena ho morena, haese ha a ne a lakatswa ke morena, a bile a bitsitswe ka lebitso la hae.


Yaba Esthere o bua le Hathake, a mo laela hore a isetse Mordekai lentswe le reng:


Taba tsa Esthere tsa iswa ho Mordekai.


Morena a re: Ya lebaleng ke mang? Kanthe Hamane o fihlile lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, a tlile ho kopa ho morena hore ho fanyehwe Mordekai sefateng seo a mo lokiseditseng sona.


Morena a nanabelletsa Esthere lere la kgauta, mme Esthere a tsoha, a ema pela morena;


Ekare ha le sa ntsebise toro, le tla ahlolwa ka kahlolo e le nngwe; etswe le lokisitse polelo ya leshano le ya bolotsana ho tla e bolela pela ka, ho be ho fetohe nako; mpolelleng toro, ke hona ke tla kgolwa hoba le ka tseba ho nnea le kwahollo ya yona.


Ka mokgwa o jwalo, le lona banna, le phedisane le bona ka hlokomelo, ka ho re, mosadi ke pitsa e fetisang ka ho fokola, mme le ba hlomphe, etswe e le majalefa hammoho le lona a mohau wa bophelo, merapelo ya lona e tle e se ke ya sitiswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos