Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 4:11 - BIBELE

11 “Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bahlanka bohle ba morena le setjhaba sa dinaha tsa morena, ba tseba hoba motho, kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, ha a ka kena ho morena lebaleng le kahare a sa bitswa, molao o teng o sa fetoheng o laelang hore a bolawe, haese ha morena a ka mo nanabelletsa lere la hae la kgauta, a tle a phele; athe nna ha ke eso ho bitswe hore ke kene ho morena e se e le tshiu tse mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 4:11
9 Referencias Cruzadas  

“Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho tswe taelo ya kgosi, mme e ngolwe melaong ya Peresiya le ya Media, e le hore taelo eo e se ke ya fetolwa, ho thwe Fashiti a ke ke a hlola a ema kapele ho kgosi Ahashuerushe. Ditokelo tsa hae tsa bofumahadi di newe e mong e motle ho mo feta.


Mantsiboya o ne a ye a kene ka tlung ya kgosi, hoseng a kgutlele tlung esele, eo ho dulang basadi ho yona, e neng e le bodiseng ba Shaashagase, lehaole la kgosi, le neng le lebela basadi ba kgosi ba mafielo. Kamorao ho moo ebe ha a sa kgutlela ho kgosi hape, haese haeba kgosi e kgahlilwe ke yena, mme ya jwalo o ne a thonngwa ka lebitso.


Esetere a boela a bua le Hatake, a mo nea taelo e yang ho Moredekai, a re:


Ba bolella Moredekai dipolelo tsa Esetere.


Kgosi ya re: “Ke mang ya ka seotlwaneng?” Ka yona nako eo Hamane o ne a sa tswa kena ka seotlwaneng se kantle ho ntlo ya kgosi, ho ya bua le kgosi hore e fanyehe Moredekai sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, seo a mo lokiseditseng sona.


Yaba kgosi e supa Esetere ka lere la yona la kgauta. Esetere a atamela a ema kapele ho kgosi,


Haeba le sa mpolelle toro ena, ke tla le ahlola ka kahlolo e tshwanang. Le rerile ho nthetsa ka leshano le ka bolotsana, le tshepile hore ha nako e ntse e feta boemo ba ditaba bo tla fetoha. Ka baka lena, mpolelleng toro ena, ke tle ke tsebe hore le ka ntlhalosetsa yona.”


Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos