Mamela lentswe la ka le howeletsang ho wena, Morena wa ka le Modimo wa ka! hobane ke rapela wena.
Mattheu 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa diterata, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona. BIBELE “Hape ha le rapela, le se ke la etsisa baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme matlung a thapelo le mabaleng a motse, hore ba bonahale ho batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona. Baasraak Sotho NT Ha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa mebila, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa mebila, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona. |
Mamela lentswe la ka le howeletsang ho wena, Morena wa ka le Modimo wa ka! hobane ke rapela wena.
Mantsiboya, le hosasa, le motshehare, ke ntse ke dumaela, ke sisa pelo, mme o tla utlwa lentswe la ka.
Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.
Motho ka mong ya ikgohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova, ruri o tla otlwa, a ke ke a phonyoha.
Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.
Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.
Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;
Iponeleng, le tle le se ke la hlahisa ho loka ha lona pontsheng ya batho, hore le bonwe ke bona; ha ho le jwalo, ha le ka ke la newa moputso ke Ntata lona ya mahodimong.
Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.
Ka baka leo, ha o etsa thuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha ho etswa ke baikaketsi ka masinagogeng le diterateng, ba tle ba roriswe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.
Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
Thutong ya hae, a re ho bona: Sesefang bangodi ba ratang ho itsamaela ka kobo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong;
Ho madimabe lona, bafarisi, hobane le rata ditulo tse kapele masinagogeng, le ho dumediswa mapatlelong.
Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!
Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe.
Ba metsa matlo a basadi ba bahlolohadi ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.
Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.
Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.
Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.