Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 11:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Ha le eme le rapela, ha le ena le mang kapa mang, le mo tshwarele, hore le Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Ha le eme le rapela, ha le ena le mang kapa mang, le mo tshwarele, hore le Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 11:25
13 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o mpontsha Joshua, moprista e moholo, a eme pela lengeloi la Jehova, mme Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela.


Ka baka leo, ha o hlahisa kabelo ya hao aletareng, mme teng o hopola hobane ngwaneno o na le taba le wena,


o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona;


Leha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa diterata, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe.


Hape, se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; le se ke la tswa, le tle le se ke la tsuwa; rekolohelang, mme le tla rekolohelwa;


Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.


Le mamellane, le rekolohelane, mme ekare ha e mong a ena le komang le e mong jwalokaha Kreste a le hauhetse, etsang jwalo le lona.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Tseo ke mehlwaare e mmedi le dikandelare tse pedi tse emeng pela Modimo wa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos