Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa wena, ha o rapela, kena phaposing ya hao, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:6
17 Referencias Cruzadas  

A kena, a ikwalla le yena ba babedi ka lemati, a rapela Jehova.


Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.


e tla ba mashala a hlenneng ao o a bokellang hloohong ya sona, mme Jehova o tla o putsa.


Eya setjhaba sa ka, kena kamoreng ya hao, o kwale monyako kamora hao! O ipate ho se hokae, ho fihlela kgalefo e feta.


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


Eitse hobane a kgutlise matshwele, a nyolohela thabeng ho ya rapela kathoko; a phirimelwa a sa le hona teng a nnotshi.


o tle o se ke wa bonahala ho batho hobane o itima dijo, ho mpe ho tsejwe ke Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.


hore thuso ya hao e be sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a mmolela, a re: Bonang Moiseraele wa sebele, eo ho seng mano ho yena.


Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.


Yaba Kornele o araba, a re: Ho se ho fetile matsatsi a mane, ka nako e kang yona ena, ke ne ke itima dijo, ke rapela ka tlung ya ka ka hora ya boroba mono o le mong, mme ka bona monna a eme pela ka ka diaparo tse kganyang;


Ka hosasane, yare ha ba sa le tseleng, ba se ba atamela motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, ha hora e batlile ho ba ya botshelela.


Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.


Hobane ba tsamayang ka nama ba ithatela dintho tsa nama, empa ba tsamayang ka moya ba ithatela tsa moya.


Ke ka baka leo ke kgumamang pela Ntata Morena wa rona Jesu Kreste,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos