Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 6:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le bone tshediso ya lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 “Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le amohetse matshediso a lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Empa ho madimabe lona ba ruileng! gonne lo amogetse kgomotso ya lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Empa ho madimabe lona ba ruileng! gonne lo amogetse kgomotso ya lona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 6:24
20 Referencias Cruzadas  

Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.


Kganya ya morao ya ntlo ena e tla feta ya ya pele, ho bolela Jehova wa makgotla; nqalong ena ke tla bea kgotso, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Ka baka leo, ha o etsa thuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha ho etswa ke baikaketsi ka masinagogeng le diterateng, ba tle ba roriswe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Leha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa diterata, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.


Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla lla, le be le bokolle.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos