A o rapela, mme wa mamela thapelo ya hae, mme wa utlwa kopo ya hae; wa ba wa mmusetsa Jerusalema, mmusong wa hae, mme kahoo, Manasse a tseba hobane Jehova ke Modimo.
ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela, ba tadimile nqa lefatsheng la bona leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le nqa tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao,
Hobane setjhaba se tla nne se ahe Sione le Jerusalema; ha o sa na ho lla; ha a ka utlwa hobane o howeletsa ho yena, o tla o hauhela; a re a sa utlwa pitso ya hao a o arabe.
Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.
Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, bana ba Iseraele ba tla tla, ba ena le bana ba Juda, ba tla ya ba ntse ba lla, ba batla Jehova, Modimo wa bona.
Morena Jehova a re: Ke sa tla dumela ho batlelwa ho hong ke ba ntlo ya Iseraele hore ke ba etsetse hona: ke tla ba atisetsa batho ba be ka ka mohlape wa dinku.
Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.
Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.