Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Empa mesebetsi yohle ya bona ba e etsa hore ba bonwe ke batho;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Empa mesebetsi yohle ya bona ba e etsa hore ba bonwe ke batho;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:5
20 Referencias Cruzadas  

A re ho yena: A re ye le wena, o bone kamoo ke tjhesehetseng Jehova kateng; mme a ya le yena koloing ya hae.


E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.


Molemo le nnete di se ke tsa kgaohana le wena, o ithwalle tsona molaleng wa hao, o di ngole letlapeng la pelo ya hao;


Moprista o tla tadimisisa bohloko boo ka letsatsi la bosupa; ha a fumana hoba setshwa ha se a ka sa keka, mme ha ho mohwete o mosehlana, le hoba setshwa ha se a ka sa hlahisa sephobe se phobetseng ho feta letlalo,


Jwale, mosadi ya neng a ntse a kgathatswa ke phallo ya madi, dilemo di se di le leshome le metso e mmedi, a mo hlaha kamorao, a ama qola ya kobo ya hae.


Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.


Ba metsa matlo a basadi ba bahlolohadi ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


hobane ba ratile thoriso e tswang ho batho, ho fetisa thoriso e tswang ho Modimo.


Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?


Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena.


Kenyang ke hona mantswe ana ao ke le bolellang wona ka dipelong tsa lona, le meyeng ya lona, mme le a tlame ho ba pontsho matsohong a lona, mme a be jwaloka meqhaka pakeng tsa mahlo a lona.


Etsa ditjellane masotong a mane a kobo eo o ikapesang ka yona.


O di tlame matsohong a hao hore e be dipontsho ho wena, mme di be jwaloka moqhaka phatleng pakeng tsa mahlo a hao.


Ba bang ba fela ba etsa jwalo ka mona le ka kgang; empa ba bang ba bolela Kreste ka pelo e kgabane.


Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.


ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos