Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:5 - BIBELE

5 “Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Empa mesebetsi yohle ya bona ba e etsa hore ba bonwe ke batho;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Empa mesebetsi yohle ya bona ba e etsa hore ba bonwe ke batho;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:5
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehu o re: “Tloo, o tlo bona kamoo ke tjhesehelang Morena kateng.” Jwale ba palama kariki ya Jehu ya ntwa.


Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao, hore o nne o bolele Molao wa Morena wa hao, hobane Morena o o ntshitse Egepeta ka letsoho la hae le matla.


Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu leo, mme haeba lefu lena la mmokwana le sa anela mmele, mme ho se na mohwete o mosehlanyana, ho bonahala hore mmokwana ha o a phobela,


Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae,


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


hobane ba ne ba rata tlotla e tswang ho batho ho feta tlotla e tswang ho Modimo.


Le ka dumela jwang, lona ba tlotlisanang, empa le sa batle tlotla e tswang ho Modimo ya inotshi?


Ya ipolelang o ipatlela tlotla, athe ya batlang tlotla ya ya mo romileng, yena ke wa nnete, mme ho se loke ha ho yo ho yena.


“Ka baka lena, le boloke mantswe ana a ka ka dipelong tsa lona, le ka meyeng ya lona, le a tlamelle matsohong a lona e le pontsho, a be jwaloka sekola diphatleng tsa lona.


“O iketsetse ditjellane diqoleng tse nne tsa seaparo sa hao, seo o itshophang ka sona.”


Mantswe ana o a tlamelle letsohong la hao e le pontsho, a be jwaloka sekola phatleng ya hao.


Ke nnete, ba bang ba phatlalatsa tsa Kreste ka mona le ka kgang, empa ba bang ba etsa jwalo ka dipelo tse ntle.


Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.


Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos