Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:5 - BIBELE

5 “Hape ha le rapela, le se ke la etsisa baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme matlung a thapelo le mabaleng a motse, hore ba bonahale ho batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Leha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, ba ratang ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa diterata, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Ha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa mebila, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa mebila, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:5
34 Referencias Cruzadas  

Oho, Morena, ako sekehele mantswe a ka tsebe, o mamele mefehelo ya ka.


Empa nna ke tla ipiletsa ho Modimo, mme Morena o tla mpholosa.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Motho ya ikgantshang, Morena o a mo nyonya, ya jwalo Morena o tla mo ahlola.


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.


Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.


mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.”


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


“Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,


ba rata ditulo tse kapele meketeng, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo,


“Hlokomelang hore le se ke la etsa mesebetsi ya lona ya bodumedi pontsheng ho batho, hore ba le babatse; haeba le etsa jwalo ha le na ho ba le moputso o tswang ho Ntata lona ya mahodimong.


“Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.


“Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.


ka baka leo, rapelang monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.”


Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.


Thutong ya hae Jesu a re: “Hlokomelang Ditsebi tsa Molao! Ke batho ba ratang ho itsamaela ka diaparo tse phuphuthang le ho dumediswa mabaleng a metse;


“Le madimabe, Bafarisi, hobane le rata ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditumediso mabaleng a metse.


Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala.


“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’


tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


“Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le amohetse matshediso a lona.


Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”


Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos