Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Rapelang ke hona Morena wa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

38 ka baka leo, rapelang monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

38 Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Ka hona rapelang Morena wa kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:38
15 Referencias Cruzadas  

Morena o utlwahatsa lentswe la hae; basadi ba tsebisang hlolo ke lekgotla le leholo, ba re:


O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.


Ke tla le nea badisa ba nkgahlisang, ba le alose ka tsebo le ka kelello.


Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.


E bile moo a reng ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.


Ana ha le re, kgwedi di sa le nne, mme etlaba e se e le kotulo? Empa ke re ho lona: Emisang mahlo a lona, le tadime masimo, hobane a se a sweufaletse ho kotulwa.


Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.


Ba neng ba qhalantswe ba ne ba tsamaya ba ntse ba bolela lentswe.


Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.


Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,


Haele ka tse ding, banabeso, le re rapelleng, lentswe la Morena le tle le nne le mathe, mme le tlotliswe hohle jwaloka ha heno,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos